Basali ba Basotho ba Tlokotsing Nigeria ka Mor’a ho Fumana Banna ba Bona ba Nyetse Moo
5 Phuputjane 2025 ka Pascalinah Kabi
Basali ba Basotho ba nyetsoeng ke banna ba Nigeria nakong eo bobeli bo neng bo lula Lesotho ba iphumane ba le mathateng ha ba fihla Nigeria, moo ba ileng ba fumana hore banna bao ba nyetse ebile bana le malapa a bona Nigeria moo. Ka lebaka leo, banna bao ba ile ba siea basali bana likerekeng Nigeria, moo ba qetellang ba fetoha batho ba kerekeng.
Sena ke ho ea ka Lerato Nkhetše oa Migrant Association of Lesotho, nakong eo a neng a koetlisa baqolotsi le baphatlalatsi ba litaba ka Khoebisano ka Batho (Trafficking in Persons). Koetliso ena e neng e hlophisitsoe ke Department of Home Affairs, e ne e tšoaretsoe Maseru ka la 4 Phuptjane, 2025.
Ho mamela litaba tsena ka botlalo, tobetsa mona: