Search for:
  • Home/
  • Current Affairs/
  • Lekala la Bophelo le Lemosa Sechaba Ka Litsela tse Kotsi tsa ho Reka Meriana

Lekala la Bophelo le Lemosa Sechaba Ka Litsela tse Kotsi tsa ho Reka Meriana

19 Loetse 2025 ka Limpho Sello

Lekala la Bophelo le lemosa hore ho reka meriana libakeng tse sa ngolisoang ka molao, kapa tse se nang litsebi tsa meriana, ho ka beha bophelo ba hao kotsing ka ha libaka tseo li sebetsa ka thoko ho molao.

Sena se tla ka mora hore Lekala la Bophelo, ka setsi sa lona sa taolo ea meriana, Lesotho Medicines Regulatory Authority (LeMeRA), le kenye tšebetsong molao o mocha oa Lesotho Medicines and Medical Devices Control Authority, 2023.

Molao ona o laola ho fana, ho rekisa, ho tsamaisa le ho kenya meriana hammoho le lisebelisoa tsa bophelo (medical devices) kahare ho naha ea Lesotho. O boetse o laela hore mosebetsi o joalo o etsoe feela ke batho kapa litsi tse filoeng lengolo la tumello (licence) ke LeMeRA.

Tokomaneng e bonahetseng e tekenetsoe ke Mongoli e Moholo oa Lekala la Bophelo Maneo Ntsene ka Phato letsatsining la 25, 2025  le bua ka karolo ea bohlokoa ho sechaba.

Moo le hlakisang hore ho latela temana ea 27(1) ea molao ona, ha ho motho ea lumelloang ho fana kapa ho rekisa meriana le lisebelisoa tsa bophelo ntle le lengolo la tumello le fanoeng ke LeMeRA.

Tlaleho ena e supa hore, “Sena se bolela hore haeba motho a reka meriana sebakeng se senang tumello kapa se sa sebeliseng batho ba koetlisitsoeng joalo ka batsoaki ba meriana (pharmacists kapa pharmacy technicians), bophelo ba hae bo ka ba kotsing.”

LeMeRA e re ho na le batho ba ntseng ba hoeba ka meriana le lisebelisoa tsa bophelo ba sena tumello le ba sa hireng batsebi ba meriana. Sena se hlalosoa e le tlolo ea molao, ’me Lekala la Bophelo le laela bahoebi bao ho emisa hang-hang.

 Keletso  ho sechaba ka ho tseba hore setsi se molaong LeMeRA ere:

“Sechaba se khothaletsoa ho qoba lits’ebeletso litsing tse sa lumelloang. Litsi tse molaong li ka tsejoa ka lengolo la tumello (Authorisation Certificate) le fanoeng ke LeMeRA. Lengolo lena le bontša: Lebitso la motsoaki oa litlhare (pharmacist kapa pharmacy technician) ea ikarabellang. Linomoro tsa hae tsa ngoliso.

“Sena ke netefatso ea hore setsi seo se sebetsa ka batho ba nang le tsebo e nepahetseng le boiphihlelo bo lumellanang le molao.”

Lekala la Bophelo le re le ikemiselitse ho netefatsa hore batho ba Lesotho ba fumana litšebeletso tsa bophelo tse sireletsehileng, tsa boleng bo holimo, ekaba litsing tse ikemetseng (private) kapa tsa muso.

Please Share Our Content To Help You Own Your Story
0
0

Leave A Comment

All fields marked with an asterisk (*) are required