Search for:
  • Home/
  • Current Affairs/
  • Mokhethoa oa Matsieng, Makotoko Moshe, O re Ekare Batšoaruoa Ba Ka Shoa Ka “Bongatanyana”

Mokhethoa oa Matsieng, Makotoko Moshe, O re Ekare Batšoaruoa Ba Ka Shoa Ka “Bongatanyana”

19 Motšeanong 2025

Mokhethoa oa Matsieng, Makotoko Moshe, o re ha a utloisise hore na ke hobaneng ha Lesotho Correctional Services (LCS) e bonahala e sebetsa ka thata tabeng ea ho netefatsa hore batšoaruoa ba phela hantle lichankaneng tsa Lesotho.

Moshe, ea neng a botsa LCS lipotso ha boemeli ba eona bo ne bo hlahile ka pela Komiti ea Paramente e sebetsanang le Litaba tsa Mafu a Seoa (Pandemics), o ile a itlhakisa ha a na le takatso ea hore batšoaruoa ba shoe ka “bongatanyana”. 

“Taba ea pele, ho shoa batho ba bakae… eke ba ka ba bangatanyana,” ho boletse Moshe.

Imamelle puo ea hae e felletse mona:

LCS e hlahile ka pela Komiti ea Paramente e sebetsanang le Litaba tsa Mafu a Seoa (Pandemics) ka la 19 Motšeanong 2025, ho fana ka tlaleho ka boemo ba HIV/AIDS le lefu la lefuba (tuberculosis) lichankaneng tsa Lesotho. Tlaleha e felletseng e tla phatlalatsoa haufinyane.

Please Share Our Content To Help You Own Your Story
0
0

Leave A Comment

All fields marked with an asterisk (*) are required