Search for:

Hobaneng Banna ba Li Zama-zama ba Nyamela—Ba Phela Kapa ba Shoele?

12 Phuptjane 2025 ka Monyane Khau

Setsebi sa litaba tsa khoebisano ka batho, Lerato Nkhetše, o re banna ba bangata ba Basotho ba tlohang Lesotho ho ea sebetsa merafong e koetsoeng, eo re e tsebang e le li zama-zama, ba qetella ba sa khutlele hae. Hobaneng? Hobane ba bangata ba bolaoa, ‘me ba bang ba tšaba ho khutla ka lebaka la lintho tse bohloko tseo ba li boneng kapa ba li phetseng.

Nkhetše, ea leng Mookameli oa Migrant Association of Lesotho, o re banna bana hangata ba tsoa Lesotho ka kutloisiso ea hore ba lo sebetsa likonterakeng, ba tšepisitsoe bophelo bo hlamatsehang. Empa ha ba fihla Afrika Borwa, ba fumane ba se ba lahletsoe ka har’a mekoti ea merafo e koetsoeng, moo ba qobelloang ho sebetsa lilemo ntle le ho putsoa, ke batho ba ba batletseng “mesebetsi”.

Nkhetše o ne a bua sena thupelong ea baqolotsi le baphatlalatsi ba litaba ka Khoebisano ka Batho ka la 4 Phuptjane 2025, e neng e hlophisitsoe ke Lekala la Tsa Lehae. Thupelo ena ke karolo ea boiteko ba ‘muso oa Lesotho ba ho hlomella sechaba ka tsebo mabapi le bothata bona bo ntseng bo hola, joalo ka ha tlaleho ea Amerika ea 2024 e bontša.

“Ha re shebe le tabeng ena ea illegal mining, batho ba tlosoa mona ho thoe ba ea likonterakeng, ha ba recruitoe ho thoe ho na le mosebetsi oa merafong e seng e sa sebetse, ho thoe ho na le konteraka e ntseng e aha setsi sa mabenkele se bitsoang X mane, ha re eng mono. Ha ba fihla, ba fihla ba ba nka, ke teng moo o tla fumana hore qetolong ea letsatsi ba ba isa ka merafong ena e sa sebetseng,” ho rialo Nkhetše.

O re ke ka lebaka leo Basotho ba bangata ba shoetseng merafong ea Stilfontein, Afrika Borwa, ba sa tsejoe le mabitso. Ke feela banna ba 25 hoba 78 ba shoelletseng ka morafong ba tsejioeng ho fihela ha joale, litopo tsa bona tsa latoa ke ba baamani le bona.

“Lea tseba ha ho tsejoe le mabitso a bona? Ke hobane ba batletsoe mosebetsi ke batho ba sa ba tsebeng, motho o itse, “hee monna ha re ee mosebetsi ke ona ka mona.” Ba etsa ka boomo hore ba hlakole boitsebiso ba banna bana, ba sebelletse batho bano ka mono, bona ba ea tseba hore ha ntsa sebetsa ka mono ka merafong, o ntsa sebelletsa mang, motho ea neng.”

Nkhetše o re ha banna bana ba leka ho baleha le ho khutlela hae, ba bang ba ba khopo ba ba sala morao ho tla ba bolaela Lesotho. Ho ba bolaea ‘moho le malapa a bona ke mokhoa oa ho pata bopaki ba tlhekefetso e etsahalang merafong eo.

“Ke ka hona ba eng ba qetelle ba tlile hae mono, ba tlo bolaea batho bana hobane ba tseba hore o tlo buoa lintho tsane tsa bona. Ee ba tla o bolaea, ba bolae le mohatsa hobane ba tseba hore motho enoa lintho tseo re li entseng le eena ka maane, o tlo li bolela mona hae.

“Ke ka hoo boholo ba batho ba sebetsanang le tsona, ba bang ha ba sa tla le hae mona. Ke eona ntho eo o tla fumana hore eba boima, ebile eba bohlokonyana. Ha u ka sheba tlaleho ea selemong se fetile ea America, e tsoang selemo le selemo, o tlo bona hore taba e kholo ehlile ke taba ena ea tlhokahalo ea mesebetsi,” ho rialo Nkhetše.

Please Share Our Content To Help You Own Your Story
0
0

Leave A Comment

All fields marked with an asterisk (*) are required