Lekala la Bophelo le Bile Lehala Litabeng tsa CHAL – DPS
20 Motšeanong 2025
Motlatsi oa Mongoli e Moholo Lekaleng la Bophelo, Mantšoanelo Monyobi, o re o bona eka Lekala la habo le entse phoso e kholo ha le nka qeto ea hore ‘muso o tla qala ho rekela litsi tsohle tsa Christian Health Association of Lesotho (CHAL) litlhare.
“Empa ke bone ekare Lekala le ile la ba lehala, eaba le etsa liqeto tse ling re so ka re buisana le CHAL ka kotloloho,” ho rialo Monyobi ka la 20 Motšeanong, 2025.
Qeto ena e halefisitse CHAL hoo e reng selekane sa eona le Lekala la Bophelo se bonahalang se le kotsing. Tlas’a taelo ena e ncha, Lekala la Bophelo le tla ikarabella ho reka le ho tsamaisa litlhare le lisebelisoa tsa bongaka ho ea litsing tsohle tsa CHAL.
Empa CHAL e re taelo ena ea ‘muso e hatakela moea oa selekane (Memorandum of Understanding) se lipakeng tsa eona le Lekala la Bophelo, kaha e fokotsa CHAL ho ba molekane ea sebetsanang le litaba, ho ba feela motho ea amohelang liqeto tse entseng ke Lekala.
CHAL e ile ea tšoara seboka sa baphatlalatsi ka la 19 Motšeanong 2025 ho bua ka litaba tsena. Letsatsi le hlahlamang, 20 Motšeanong 2025, Monyobi o ile a tsebisa Komiti ea Paramente e sebetsanang le Litaba tsa Mafu a Seoa (Pandemics) hore Lekala la Bophelo le bile lehala ka ho etsa qeto ntle le lipuisano le CHAL.
Imamelle karabo e felletseng ea Monyobi mona:
1 Comment