Monna oa Mokhotlong o Ipha Limenyane ka Mora ho Tsipa Morali ka Kinipitang ka Linokeng
6 Phuptjane 2025 ka Monyane Khau
Monna oa Ntlholohetsane, Mokhotlong, o balehile ka mora ho hlekefetsa morali oa hae ea lilemo li 15 ka ho mo tsipa ka linokeng ka kinipitang ka la 4 Phuptjane 2025.
Motlatsi oa ‘Moelli oa Sepolesa sa Lesotho, Inspector ‘Mareabetsoe Mofoka, o boletse hore monna enoa o ne a belaella morali oa hae ka hore o utsoitse clipara le charger ea mohala. Morali o ile a hlalosa hore lintho tseo li tla fumaneha ho moithuti-’moho le eena sekolong.
Ho ea ka Inspector Mofoka, ngoanana o re o ne a etselletsa moithuti eo ka khopolo ea hore hang ha ba fihla sekolong, matichere a tla mo sireletsa. Leha ho le joalo, ntate eo o ile a tsoela pele ka khalefo, a qhoba morali ka mo jaella ka pere. Ha ba ntse ba le tseleng, bobeli bona bo ile ba kopana le sepolesa se neng se tsoa mosebetsing kae kae, eaba monna enoa o kheloha tsela, a siea ngoanana a le mong.
“Chee ngoana ha kaba tlaleha mapolesa, ba fihlile hae ba se ba tsamaea ba arohane. Ha a fihla lapeng eaba ke mona moo a ntseng a motsipa linoka tsena ka kinipitang,” ho rialo Inspector Mofoka.
Inspector Mofoka o re ‘m’e oa ngoanana enoa ha a lule lapeng moo, ka haa lelapa lena le na le khoebo e hole le lelapa lena, moo ‘m’e enoa a phelang teng. O re hang hoba ‘m’e a fihlile, o ile a potlakisetsa ngoanana ngakeng, a nto fetela sepoleseng Mokhotlong ho tlaleha ketsahalo ena.
Sepolesa se ntse se batla monna eo, eo lebitso la hae le so phatlalatsoe hobane sepolesa ha sena tumello ea lekhotla ea ho etsa joalo.
“Ha re na bo ‘nete ba lilemo tsa hae feela ho thoe li feta mashome a mane. Ha re na bonnete ba tsona hobane ha a so tšoaroe, o ile a baleha. Sepolesa se patloang ea monna enoa,” ho rialo Inspector Mofoka.