Search for:
  • Home/
  • Current Affairs/
  • Batsoali ba Mokhotlong Ba Re Ba Sitoa ho Thibela Likamano Tsa Bana Le Mekonteraka 

Batsoali ba Mokhotlong Ba Re Ba Sitoa ho Thibela Likamano Tsa Bana Le Mekonteraka 

23 Motšeanong 2025 ka Monyane Khau

Batsoali ba bana ba kenang likamanong tsa thobalano le menkonteraka ea letamo la Polihali Mokhotlong, ba thatafalloa ke ho khalema bana hobane ba fumana melemo ea lichelete tseo menkonteraka ena e li fang bana. 

Sena ke ho ea ka tlaleho ea Komiti ea Paramente e Sebetsanang le Mafu a Seoa (Pandemics Committee), e tekiloeng ka pela paramente ka la 23 Motšeanong 2025 ke Molula-Setulo oa Komiti, Paul Masiu.

“Ka bomalimabe, batsoali ba thatafalloa ke ho bua le ho khothalletsa bana ba bona ho nena ho kena likamanong tsa batho ba baholo le thekisetsano ea thobalano hobane le bona ba rua molemo,” ho rialo tlaleho ea Pandemics Committee. 

Tlaleho ena e supa hore maikutlo a sechaba sa Polihali, Mokhotlong, ke hore banana le basali ba banyane ba tsoang metseng e pota-potileng Morero oa Metsi a Lihlaba ba kena likamanong tsa thobalano le batho ba baholo (intergenerational sex relations) ha ‘moho le thekisetsano ea thobalano, e le hore ba fumane chelete. 

Kutloisiso ke hore chelete ena e sebelisoa ke banana le basali ba banyane ho fihlela litlhoko tsa bona tsa mantlha le ho tšehetsa malapa a bo bona.

“Likamanong tse joalo, bana bana ba sitoa ho ikemela hore ho sebelisoe mekhoa e sireletsehileng ea thobalano, kaha batho ba baholo bao ba kenang likamanong le bona hangata ba batla thobalano e sa sireletsehang.”

Bokhachane

Tlaleho e boetse e supa hore sechaba se lumela hore banana le basali ba banyane ba kena likamanong le batho ba baholo ka lebaka la bofutsana le tlhokahalo ea mesebetsi. 

Tlaleho ena ea komiti e tla ka mora hore Komiti e etele Polihali, Mokhotlong ho nka maikutlo a sechaba le bohle ba amehang, ho kenyelletsa Lekala la Bophelo le Ofisi ea Morero oa Metsi a Lihlaba tsa Lesotho (LHDA), litabeng tsa sekhahla sa HIV/AIDS le lefu la lefuba (tuberculosis) sebakeng seo. 

Ka thoko ho maikutlo a sechaba, Komiti e re LHDA e entse boithuto ba mathomo mabapi le bophelo bo botle ba sechaba molemong oa ho netefatsa polokeho mosebetsing bakeng sa basebetsi ba eona. Ho feta moo, ho boetse ho teng Tumellano ea Tšebelisano (MoU) lipakeng tsa Lekala la Bophelo le LHDA ho netefatsa polokeho ea basebetsi. 

Tlaleho e re ho ea ka baemeli ba Lekala la Bophelo, sechaba sa Mokhotlong esale se tobane le liqholotso tsa bophelo bo botle le pele ho qaleho ea khaho ea letamo, ka lebaka la bofuma le ho falla hoa batho. 

“Leha ho le joalo, ho hlokomelehile hore khaho ea letamo lena e entse hore ho be le keketseho ea litšoaetso tse ncha tsa HIV le lefuba, ha ‘moho le bokhachane bo sa reroang ba banana,” ho rialo tlaleho. 

Tlaleho e supa ha Mokhotlong ele se seng litereke tse nang le palo e phahameng ea bokhachane bo sa reroang har’a bacha. Tlaleho e re hang hoba bacha ba fumane hore ke bakhachane, ba tlohella sekolo ka ha hona le tumelo ea hore sekolo ha se na thuso, ke tšenyo ea nako feela. 

“Leha ho le joalo, banana ha ba senole hore na ke mang ea ba imisitseng. Ka lebaka leo, ha hona lipalo-palo tse pakang hore basebetsi ba letamo la Polihali ke bona ba ikarabellang ho palo e phahameng ea bokhachane bo sa reroang har’a banana,” ho rialo tlaleho.

Likeletso/Litlhahiso

Ho latela se fumanoeng ke Komiti nakong ea ketelo ea eona Mokhotlong, litlhahiso tsa eona li kenyelletsa tse latelang:

  • Lefapha la Bophelo le lokela ho potlakisa litokisetso tse hlokahalang hore LHDA e tle e khone ho haha Setsi sa Bophelo bakeng sa sechaba se potileng letamo la Polihali.
  • Lefapha la Bophelo le lokela ho nahana ka ho eketsa basebetsi le ho etsa litokisetso tse hlokahalang hore phallo ea litšebeletso Tloha-Re-Buoe e be le bokhoni bo lekaneng ba ho sebeletsa metse e e potileng ka litšebeletso tsa bophelo bo botle.
  • LHDA e lokela ho hira bonyane liperesente tse 80 tsa Basotho ba nang le litsebo tse fapaneng le ba se nang tsebo.
  • LHDA e lokela ho ntlafatsa libaka tsa boithabiso (playgrounds) ho khothalletsa bacha ho kenella lipapaling. Sena se tla ba kenya liketsong tse nang le melemo, ho fokotsa boitlamo ba bona liketsong tse kang likamano tsa meloko e fapaneng le thekisetsano ea thobalano, tse ka eketsang menyetla ea tšoaetso e ncha ea HIV.
Please Share Our Content To Help You Own Your Story
0
0

Leave A Comment

All fields marked with an asterisk (*) are required