Search for:
  • Home/
  • Health/
  • Lekhotla le Fumana Melaelloa oa Peto a se na Molato

Lekhotla le Fumana Melaelloa oa Peto a se na Molato

…Lelapa la ngoanana ea lilemo li 9, eo ngaka e netefalitseng hore hymen ea hae e tabohile, le re bofutsana bo le sitisitse ho fumana toka kaha le hlolehile ho hira ‘muelli oa molao.

Imamelle puisano ea ‘m’e oa ngoana le Uncensored News mona: 


8 Motšenoang 2025 ka Pascalinah Kabi

Lelapa la *Mokoto (lebitso le fetotsoe ho sireletsa bana) le nyahame ke qeto ea Lekhotla la Maseterata la Leribe le fumaneng moqosuoa oa peto ea morali oa bona a se na molato. Lelapa lena le lulang Maputsoe, le re tlaleho ea ngaka e bontša ka ho hlaka hore morali oa bona o betiloe, empa le sithabetse maikutlo hore ha lea khona ho hira ‘muelli oa molao ea neng a ka sebetsa ka matla ho paka molato oa moqosuoa.

Moqosuoa, ea lilemo li 16, ke motsoala oa ngoanana. Ngoanana o boetse lekhotleng hore o ile a betoa Maiseng, Leribe ka Tšitoe 2023 nakong eo ena le khaitseli ea hae ba neng ba etetse nkhono oa bona hona Maiseng moo. Tlaleho ea ngaka e entsoeng Sepetlele Motebang ka la 30 Pherekhong 2024 e bontša hore hymen ea ngoanana e tabohile.

“Ka letsatsi le leng, ngoanana o ne a le ka kamoreng le khaitseli ea hae *Thabiso (lebitso le fetotsoe). Moqosuoa o ile a kena ka phapusing, a kopa ngoanana hore a mo tlisetse lieta. Ha Thabiso a tsoa, moqosuoa o ile a sala le ngoanana, a mo monka, a mo beha betheng, a mo hlobolisa le ho mo beta,” ho rialo bopaki ba ngoanana ka pela lekhotla. 

Ngoanana o re moqosuoa o ile a mo laela hore a se ke a bolella motho ka se etsahetseng hobane o tla mo bolaea. O ile a boela a re moqosuoa o itse o kentse licamera tsa lekunutu (spy cameras) ka tlung le sekolong sa ngoanana. 

Ka lehlakoreng le leng, moqosuoa o re ngoanana o mo qositse ka leshano hobane a laetsoe ke ‘mè oa hae. O re ‘mè oa ngoanana, eo hape e leng rakhali oa hae, o mo halefetse ka lebaka la lefu la ntat’ae. O re ‘mè eo o mo qosa ka hore ke eena ea bolaileng ntat’ae, le hoja a hlokahalletse kotsing ea koloi.

’Muelli oa moqosuoa, Akhente Mabolloane, o re nyeoe ena e iqapetsoe ke lelapa la Mokoto ka sepheo sa ho fumana lichelete tse sietsoeng moqosuoa ke ntat’ae ea seng a hlokahetse.

Ka mor’a ho mamela lipaki, lehlakore la bochochisi le ‘muelli oa moqosuoa, Maseterata M. Leseeo-Rantja o ile a re moqosuoa ha a fumanoe a le molato ka lebaka la bofokoli ba bopaki. Lekhotla le re bochochisi ha boa khotsofatsa ka bopaki bo tiileng ba hore peto e etsahetse.

“Nyeoe ea bochochisi e ne e itšetlehile haholo ka bopaki ba bana ba babeli ba banyenyane. Bopaki ba bona bo ile ba fapana, ‘me ke fumane hore boleng le botšepehi ba bona bo sa khotsofatse,” ho boletse Maseterata Rantja.

Lekhotla le re ho taboha hoa hymen ha ho fane ka bopaki bo tiileng ba peto.

“Tlaleho ea ngaka e bontša hore tlhahlobo e entsoe ka la 30 Pherekhong 2024, khoeli kamora hore ho belaelloe peto. Ha ho fumanoe bopaki bo netefatsang hore PW1 (ngoanana) o betiloe, ntle le ho bontša hore hymen ea hae e tabohile.”

“Hoa utloahala hore na ke hobaneng ha ngaka e sa kang ea fumana bopaki bo bontšang peto, ka lebaka la tieho ea tlhahlobo. Maqeba a ka be a folile nakong eo tlhahlobo e neng e etsoa. Le hoja ho taboha hoa hymen ho ka hlalosoa e le sesupo sa peto, ha se bopaki bo phethahetseng,  kaha ho ka etsahala ka mabaka a mangata joalo ka ho palama baesekele kapa ha motho a oa,” ho hlalositsoe ke lekhotla.

Leha ho le joalo, lelapa la Mokoto le tsitlella hore tlaleho ea ngaka e bontšang hore hymen e tabohile ke bopaki bo lekaneng ba hore ngoanana o betiloe. Lelapa la Mokoto le belaella hore qeto ea lekhotla e ile ea ameha ke hore moqosuoa o ne a emetsoe ke ‘muelli oa molao ea ikemetseng, akhente Mabolloane, eo e leng mangoane oa hae.

Lelapa le lumela hore hoja ba ne ba bile le akhente e ikemetseng, e kabe loanne ka thata ho kholisa lekhotla hore ngoana oa bona o betiloe ke moqosuoa. Le re le tsetselela toka bakeng sa morali oa bona, eo nako ka mora moo a ileng a phela le sekhobo sa mosese o seng o itsoela feela le sekolong. 

Tlhokomeliso: Hlokomela hore mabitso a fetotsoe ho sireletsa bana. Moo lebitso la moqosuoa le hlahellang khatisong, boitsebiso ba hae bo patiloe ho sireletsa bana.

Please Share Our Content To Help You Own Your Story
0
0

Leave A Comment

All fields marked with an asterisk (*) are required