Search for:
  • Home/
  • Podcasts/
  • Meropotso ea Merafong e Sitisa Babusi ba Lesotho ho Sireletsa Sechaba

Meropotso ea Merafong e Sitisa Babusi ba Lesotho ho Sireletsa Sechaba

05 Mesa 2024 ka Pascalinah Kabi

Liphuputso tsena li entsoe ka thuso ho tsoa ho Pulitzer Centre.

Morena oa Maloraneng, Lentsoete Mohai, o re le hoja metsi a phallang nokaneng ea habo ea Maloraneng a bonahala a hloekile matsatsing ana, ho thata ho lumela hore morafo oa Letšeng o ke se hlole o silafatsa metsi a nokana ena.

Mohai o re pelaelo ena ea hae e bakoa ke litaba tse fetileng, moo morafo o sitiloeng ho boloka boitlamo ba ona ba hore o ka se hlole o silafatsa metsi.

Ho sa le joalo, akhente Borenahabokhethe Sekonyela o re ha ho bonolo ho babusi ba Lesotho, ho ka nka likhato khahlanong le morafo oa Letšeng, ka lebaka la meropotso eo babusi ba e fumanang ho tsoa merafong.

Ho ikutloela litaba tsena li felletse, imamelle khatiso ea litaba ka ho penya konopo e ka tlase.

Please Share Our Content To Help You Own Your Story
0
0

1 Comment

Leave A Comment

All fields marked with an asterisk (*) are required