Search for:

Paramente e Khina Tšebetso ea Morafo oa Reskol ha Nakoana

23 Mesa 2024 ka Pascalinah Kabi

Komiti ea paramente e alositseng lihloliloeng e fane ka taelo ea hore Lekala la Lihloliloeng le laele morafo oa Reskol ho emisa hang-hang ka tšebetso ea ho rafa sebakeng sa Kolo, Mafeteng.

Taelo ena ea nakoana e fanoe ka mora hore Lekala la Lihloliloeng le hlolehe ho fana ka likarabo le litokomane ka pela komiti ena, ka la mashome a mabeli a metso e meraro, khoeling ea Mesa selemong se holimo.

Lekala le ile la bitsetsoa ka pela komiti ena ka mora hore sechaba sa Kolo, se ngolle komiti ena se lla ka morafo oa Reskol. Imamelle tsona li felletse mona:

Litaba tsena li hlahisitsoe ka thuso ea Paballo-ea-Bophelo, mokhatlo o sebelletsang hore bohle ba fumane toka litabeng tsa bophelo le tikoloho.

Please Share Our Content To Help You Own Your Story
0
0

Leave A Comment

All fields marked with an asterisk (*) are required