Ho Iketa ka Metsi e Tlaba Pale ea Maobane Mokhethoaneng – Makhalanyane
5 Motšenoang 2025 ka Pascalinah Kabi
Mokhethoa oa Mokhethoaneng, Mokhothu Makhalanyane, o re ho tla ba thata haholo ho baiketi ba likhetho Mokhethoaneng hobane ha ho motho a tla iketa ka litšepiso tsa tsela, motlakase kapa metsi, hobane litšebeletso tsena li se li le tseleng, ’me ka 2028 li tla be li fihletse baahi bohle ba Mokhethoaneng.
“Nna ke batla Mokhethoaneng mona ka 2028, ho sebe motho a tla iketa ka tsela, ka motlakase, ka metsi. Ehlile ha a tlo fumana letho hoba li tla be se li le siko, li tlohile tseleng,” ho rialo Makhalanyane ka la 3 Motšenoang, 2025.
“Ka mona re tlo etsetsana likhang tsa likhetho ka ntšetso-pele ea sechba ea mochoelella (sustainable development), eseng tsa tsela, eseng tsa litšebeletso tsa mantlha (basic services) tseo sechaba se li hlokang.”
Makhalanyane o re ke metse e fokolang feela Mokhethoaneng e hlokang metsi ka mora khakolo ea morero oa metsi o bitsoang The Greater Maseru Water Project ka la 3 Motšenoang, 2025 Maqhaka, Berea.
Maqhala ke o mong oa metse e meholo ka hara lebatooa la Mokhethonaneng o fumanang metsi tlasa The Greater Maseru Water Project. Metse e meng ke Ha Foso le Marabeng. Metse e meng eo e ntseng e hloka metsi e tlo kenella tlasa The Greater Maseru Water Project Extension.
Imamelle puo ea Makhalanyane e felletse ka ho penya mona: