Search for:

Lesotho le Hlaseloa ke Sefuba se Kotsi

15 Motšeanong 2024 ka Pascalinah Kabi

Letona la Bophelo Selibe Mochoboroane o re Lesotho le hlasetsoe ke mofuta oa sefuba o kotsi haholo, o bitsoang A1 le A2.

Mochoboroane o re le hoja mofuta ona oa sefuba o le kotsi ho batho bohle, batho ba latelang ka tlokotsing e kholo. Bona ke bakhachane; bana ba lilemo tse ka tlase ho tse hlano; batho ba lilemo tse ka holimo ho mashome a tšeletseng le metso e mehlano; batho ba nang le bokulo ba nako e telele joaloko ka HIV and Aids, tsoekere le mafu a matšoafo.

“Ho na le batho hara metse le metsana, bao ho tlalehoang ba ntse ba ntse ba lahleheloa ke bophelo ‘me ho belaelloa hore ke ka lebaka la mofuta ona oa sefuba, le ha batho ba joalo litlaleho li so ka li fihla Lekaleng la Bophelo,” ho rialo Mochoboroane.

Imamelle puo ea Mochoboroane e felletse mona:

Please Share Our Content To Help You Own Your Story
2
1

Leave A Comment

All fields marked with an asterisk (*) are required