Search for:
  • Home/
  • Current Affairs/
  • Motlatsi oa Tona-Kholo o Etella Pele Lipuisana tsa Sello sa Basebetsi ba Bophelo Kajeno

Motlatsi oa Tona-Kholo o Etella Pele Lipuisana tsa Sello sa Basebetsi ba Bophelo Kajeno

20 Motšeanong 2024 ka Limpho Sello

Motlatsi oa Tona-Kholo, moahloli e moholo oa mehleng Nthomeng Majara, o tla etella pele makala a mararo a muso lipuisanong tseo tebello e leng hore li tla tlisa tharollo ea moshoelella boipelaetsong ba basebetsi ba bophelo.

Boipelaetso bona bo qalileng ka la leshome le metso e meraro, Motšeanong selemong se holimo, bo bakile tlokotsi e kholo phanong ea litšebeletso tsa bophelo literekeng tsa Qacha’s Nek, Thaba-Tseka le Mokhotlong.

Molula-setulo oa Komiti ea paramente ea Boiketlo le Ntlafalo ea Sechaba, Mokhothu Makhalanyane, o bolelletse Uncensored News ka la leshome le metso e robong, Motšeanong, selemong se holimo, hore makala a muso a tla kopana letsatsing la kajeno ho fumanela bothata bona tharollo ea moshoelella.

“Hosane ka Mantaha (mashome a mabeli Motšeanong selemong se holimo) ka hora ea leshome, Lekala la Khiro le Bosebetsi, Lekala la Lichetelete le Lekala la Bophelo, ba tla be ba kopane, ba kopantsoe ke mohlomphehi Motlatsi oa Tona-Khona hore ho sebetsoe taba ena,” ho rialo Makhalanyane.

Makhalanyane o re Lekala la Khiro le Bosebetsi le se le kopantse lenane lohle la basebetsi ba muso ba sebetsang lithabeng, ‘me le fumane hore ke basebetsi ba ka bang likete tse tšeletseng ba sebetsang lithabeng.  

“Chelete e tla hlokahala moo (ho lefa litsieane tsa loting) ekaba limilione tse tšeletseng tsa maloti ka khoeli, eleng limilione tse mashome a supileng a metso e ‘meli tsa maloti ka selemo,” ho rialo Makhalanyane.

Lipuisano tsena li tla ka mora hore basebetsi ba bophelo literekeng tsa Qacha’s Nek, Thaba-Tseka le Mokhotlong ba ngale mosebetsi ka le reng muso o hulanya maoto ha o tlameha ho phethahatsa boitlamo ba ona ba ho nyolla litsieane tsa loting ho tloha ho M275 ho ea ho M1, 000 khoeli le khoeli.

Boipelaetso bona bo qalileng ka la leshome le metso e meraro Motšeanong, selemong se holimo, bo amme litšebeletso ka bophelo hampe.

Mokhethoa oa Hloahloeng, Katleho Mabeleng, o tlalehetse paramente hore bakhachane ba Qacha’s Nek ba bolelletsoe ho pepa majoe ho liehisa pelei, ka ha ho na mosebetsi oa bophelo a tlang ho ba thusa nakong eo ba balehang.

“Ke qeta ho fumana taba ea hore Machabeng mono ho na le bakhachane ba khutlisitsoeng ho thoe ba pepe lejoe… hobane ba le makhatheng a ho pepa,” ho rialo Mabeleng. 

Mabeleng o buile sena nakong eo paramente e neng e ntse e tšohla tšitsinyo e potlakileng ea mokhethoa oa Qacha’s Nek, Mohlahlobi Busa, ka la leshome le metso e supileng, Motšeanong, selemong se holimo. Tšitsinyo ena ene e le mabapi le boemo bo nyarosang bo bakiloeng ke boipelatso ba basebetsi ba bophelo literekeng tsa Qacha’s Nek, Thaba-Tseka le Mokhotlong.

Letsatsi feela ka mora ho tšohloa hoa tšitsinyo ea Busa, Letona la Bophelo Selibe Mochoboroane o bolelletse sea-le-moea sa PC hore makala a Bophelo, Lichelete le Khiro, a tla kopana kajeno ho ea tšohla litaba tse amanang le boipelaetso bona.

“Maobane (ka la leshome le metso e tšeletseng), taba ena e ile ea tšohloa paramenteng e le tšitsinyo, hoa boela hoba le liphutheho tse ileng tsa ba teng lipakeng tsa mekhatlo le komiti ea paremente ea Ntlafalo le Boiketlo ba Sechaba.

“Ka Mantaha re boetse re ea kopana, joale re se re kopana boetapeleng ba Motlatsi oa Tona-Kholo re le matona a amehang – Lichelete, Bophelo, Khiro le Thuto – ho tla sheba hore na re tsoa le kae,” ho rialo Mochoboroane.

Mochoboroane o boetse a hlalosa hore litsieane tse fuoang basebetsi ba muso tsa loting tse makholo a mabeli, mashome a supileng a metso e mehlano a maloti, li kene tšebetsong lilemong tse mashome a mararo a fetileng.

“Ke tlaleheloa hore e kanna eaba ke chelete e qalileng hore ebe teng ho tloha ka lilemo tsa bo 1994 koana, ‘me oa utloa na ke khale ha kaakang,” ho rialo Mochoboroane.

Ho sa le joalo, kemeli ea basebetsi ba bophelo e bolletse Uncensored News hore litšebeletso tsa bophelo li ke ke tsa khutlela setloaeling ho fihlela muso o fihletse tse lateng.

“Ho be le lengolo la se muso le sa feteng nako ea libeke tse peli hore chelete e be kene. Litsieane tsa loting li nyolohe ka linoko tse mashome a mane lekholong selemo le selemo, ‘me e kenyelletsa khafa,” ho rialo Tanki Ranthimo.

Ranthimo o re basebetsi ba ke ke ba amohela ho joetsoa hore chelete ea litsieane tsa bona e tla kena selemong se tlang sa lichelete, ka ha ba ile ba bolelloa ntho e tšoanang selemong se fetileng sa lichelete.

“Ha re amohele hore litšebeletso li khutlele setloaeling ho fihlela ba phethahalitse tsena tse ka holimo. Ha rena ho amohela hore basebetsi ba sotloe kapa hona ho etsetsoa litšoso ka tsela ea mofuta ofe kapa ofe,” Ranthimo o li kobelletse tjena.

Please Share Our Content To Help You Own Your Story
0
0

Leave A Comment

All fields marked with an asterisk (*) are required