Search for:
  • Home/
  • Podcasts/
  • Sechaba sa Ha Makhalanyane se Tsetselela M3.6 millione ea Metsi a Lihlaba

Sechaba sa Ha Makhalanyane se Tsetselela M3.6 millione ea Metsi a Lihlaba

11 Mesa 2024 ka Pascalinah Kabi

Sechaba sa Ha Makhalanyane se seboko ka hore Ofisi ea Morero oa Metsi a Lihlaba Lesotho (LHDA), e hana ho fa malapa a leshome le metso e mehlano chelete ea matšeliso a lihloliloeng.

Malapa ana a leshome le metso e mehlano, ke ao Morero oa Metsi a Lihlaba o ileng oa ba fallisetsa Ha Makhalanyane tlasa leeto la pele la Morero oa Metsi a Lihlaba.

Ka la leshome Mesa selemong se holimo, sechaba sa Ha Makhalanyane se hlahile ka pela komiti ea paramente e alositseng litaba tsa lihloliloeng Lesotho. Sechaba sena se ne se qosa Ofisi ea Morero oa Metsi a Lihlaba Lesotho, ka ho hana ho lokollela malapa ana matšeliso a M3, 604, 218.59.

Ofisi ena e ikarabelletse ka hore leana la bona la matšeliso ha le lumele hore chelete ea matšeliso a lihloliloeng e aroleloe batho ka bo mong.

Imamelle litaba tsena li felletse khatisong ena:

Please Share Our Content To Help You Own Your Story
0
0

Leave A Comment

All fields marked with an asterisk (*) are required