Ngoanana o re ‘Mae a ka be a sa Tšoaroa ke Mofetše oa Molomo oa Popelo Hoja o fumane ente ea HPV
4 Pulungoana 2025 ka Limpho Sello
Litaba tsena li hlahisitsoe ka thuso ea Paballo-ea-Bophelo.
Liselemo Rankali ke ngoanana ea lilemo li 12 ea thusang ‘m’ae ka ho mo hlatsoetsa koajoana ea itlamang ka eona—hangata e tletse mali. Sena se bakoa ke hore ‘m’ae o tšoeroe ke mofetše oa molomo oa popelo, o etsang hore a lule a lahleheloa ke mali a mangata a tsoang ka bothong ba hae.
Liselemo, ea ileng a fumana ente e thibelang mofetše oa molomo oa popelo lilemong tse fetileng, o khothalletsa batsoali ho lumella bana ba bona ba banana ho fumana ente ena, hore ba se ke ba tšoaroa ke mofetše oa molomo oa popelo joaloka ‘m’ae.
Iketsetse molemo — mamela pale ea Liselemo ka ho penya mona:
