Search for:
  • Home/
  • Podcasts/
  • Boipelaetso ba Basebetsi ba Bophelo bo Ama Phano ea li-ARV Mokhotlong.

Boipelaetso ba Basebetsi ba Bophelo bo Ama Phano ea li-ARV Mokhotlong.

29 Motšeanong 2024 ka Pascalinah Kabi

Mosebeletsi oa litšebeletso tsa bophelo motseng, Mapontšo Mokoteli, o re boipelaetso bo ntseng bo tsoela-pele ba basebetsi ba bophelo bo behile bophelo ba batho ba sebelisang litlhare tsa nako eohle tlokotsing.

“Kea kholoa ke buella motseng oo ke leng ho eona, ka batho ba fuoang litlhare tsa bophelo bohle, ba khutla ba sa fuoa litlhare,” ho rialo Motokeli puisanong le Uncensored News ka mohala.

Sena se tla ka mora hore Mateke a se fumantšoe litlhare tsa hae setsing sa bophelo sa Libibing, matsatsi a leshome ka mora hore basebetsi ba bophelo literekeng tsa Qacha’s Nek, Thaba-Tseka le Mokhotlong ba kene boipelaetsong khahlanong le muso.

Imamelle tsona li felletse mona:

Please Share Our Content To Help You Own Your Story
1
0

Leave A Comment

All fields marked with an asterisk (*) are required